26 o o nehella ka molala o sataletseng, tlasa mokokotlo wa thebe ya hae;
26 O mo kgorohela a sataladitse molala, thebe e shahlileng a e utlile ka mallela.
Juda, ke wena eo banabeno ba tlang ho o rorisa; letsoho la hao le tla ba hodima melala ya dira tsa hao, bana ba ntatao ba tla inama pela hao.
Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.
Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;
o ikwahetse sefahleho ka ho nona ha hae, o bokeletse mafura lethekeng la hae;
Ke ne ke phela hantle, empa o nthobile; o ntshwere ka molala, o nthobakile; o mpeile sebeo sa ho phosa ha wona.
O ntadimisitse mekokotlo ya dira tsa ka, mme ka fedisa ba ntlhoileng.
Hobane kahlolo ha e tswe botjhabela, leha e le bophirimela, leha e le lefeelleng;
Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.