Ha tswalwa bara ba babedi ho Hebere; lebitso la e mong e le Pelege, hobane lefatshe le nnile la arohanngwa mehleng ya hae; lebitso la ngwanabo e le Jokthane.
Ke yona eo mefuta ya bara ba nowe, ka meloko ya bona, le ka ditjhaba tsa bona, mme ditjhaba tse sabaletseng lefatsheng kamora morwallo di tswile ho bona.
Mme le tla tseba hobane ke nna Jehova ke leng Modimo wa lona, nna ke dutseng Sione, thabeng ya ka e kgethehileng; Jerusalema e tla ba nqalo e kgethehileng, baditjhaba ha ba sa tla feta ho yona.