Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Motho ke ntho nngwe, hoo a ka bang le tlhweko? Ya tswetsweng ke mosadi yena a ka loka jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 15:14
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla ba sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, mme o ba halefetse, o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong, naheng ya dira, kapa e leng hole, kapa e leng haufi;


Mohla ba o sitelwang, kamoo ho seng motho ya sa sitweng kateng, ha o ba halefetse, o bile o ba neetse direng tsa bona, hore ba iswe kgolehong naheng ya dira kapa e leng e hole, kapa e leng e haufi;


Motho ya tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o kgotshe ditsietsi.


Na ho ka ntshuwa motho ya hlwekileng mothong ya ditshila? Le hanyenyane.


ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?


Ke tseba ruri hobane ho dutse jwalo; motho ya shwang a ka loka jwang pela Modimo?


Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.


Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.


o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.


Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.


Ke mang ya ka reng: Ke itlhwekisitse pelo, ke hlatswehile bobe ba ka?


Kannete, ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya ntseng a etsa hantle, a sa tshohe a etsa sebe.


Feela, o tadime sena seo ke se fumaneng: ke hobane Modimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamenemene a mangata.


Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.


Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.


Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ