Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hoja motho ya shwang a ka boela a phela, ke be nka mamella ka matsatsi wohle a ntwa ya ka, ho be ho fihle se seng bakeng sa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 14:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Barsillai a araba morena, a re: Tshiu tsa ho phela ha ka di sa le kae, ha o re, ke ye Jerusalema le morena?


Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


Jo! hola o ka mpata nqalong ya bafu! Hola o ka nkwahela teng, kgalefo ya hao ya ba ya feta, wa mpeela letsatsi leo o tla nkgopola ka lona!


o ne o tla bitsa, ke ne ke tla araba, mme o ne o tla hlolohelwa mosebetsi wa matsoho a hao!


Erekaha matsatsi a hae a beilwe, mme palo ya dikgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, ha o beile moedi oo a ke keng a o tlola,


leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?


Kamora moo, Jobo a nna a phela dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mane; mme a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong wa bone.


Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


Tsohle di ikela nqalong e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng.


Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.


Hleka le re, ke ntho e ke keng ya ba ya dumeleha ho rona, hoba Modimo o tsosa bafu na?


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


Lewatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntsha bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahlolwa ka mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ