20 ba tsebang ho bua o ba hlokisa ditaba, o amoha baholo kahlolo;
20 baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.
O tlosa kutlwisiso ho marena a ditjhaba; o ba dikadikisa dibakeng moo tsela e leng siyo;
Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa.
Ba dilemo tse ngata hase bona ba leng bohlale, ba hodileng hase bona ba utlwisisang tse lokileng.
ke hobane Modimo o e timile bohlale, ha o a ka wa e nea kutlwisiso;
Molomo wa ba lokileng o phedisa ba bangata, athe mawatla a timela ke ho hloka kelello.
Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.
Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.