Jeremia 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)23 Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE23 Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ba lahlela silefera ya bona diterateng, mme kgauta ya bona e tla ba ditshila feela; silefera le kgauta tsa bona ha di na matla a ho ba pholosa tsatsing la kgalefo ya Jehova; ba ke ke ba kgorisa meya ya bona, leha e le ho tlatsa mala a bona, hobane ke tsona tseo e leng kgopiso ya bona bokgopong ba bona.
Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?