Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Nebukadresare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a isa kgolehong Bajuda ba makgolo a supileng a nang le mashome a mane a metso e mehlano. Batho kaofela e bile dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya Nebukadenesare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a thopa Bajuda ba makgolo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano; kaofela ya eba batho ba dikete tse nne le makgolo a tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:30
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Ka kgwedi ya bohlano, ka tsatsi la bosupa la kgwedi ya selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena le mohlanka wa morena wa Babilona, a kena Jerusalema.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.


Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare, a tlosa Jerusalema batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a nang le mashome a mararo a metso e mmedi.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ba tla kgwahlapisa masala a Iseraele, jwalokaha ho kgwahlapiswa morara. O busetse letsoho la hao dirotong, jwalokaha ho etswa ke ya kgwahlapisang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ