Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare, a tlosa Jerusalema batho ba makgolo a robileng meno e le mmedi a nang le mashome a mararo a metso e mmedi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya hae a thopa batho ba makgolo a robedi le mashome a mararo a metso e mmedi, e le batho ba tswang Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:29
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrame a nka Sarai, mosadi wa hae; le Lota, mora moenae, le leruo lohle la bona leo ba neng ba le ruile, le batho bao ba neng ba ba ruile Kharane, mme ba tloha ho ya lefatsheng la Kanana, ba ba ba fihla lefatsheng la Kanana.


Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Batho bohle ba tswileng lethekeng la Jakobo e ne e le batho ba mashome a supileng; haele Josefa, o ne a se a le Egepeta.


Ke lona lentswe le tswileng ho Jehova, la ba la tla ho Jeremia, selemong sa leshome sa Tsedekia, morena wa Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome la kgwedi, e leng ka selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa Nebukadresare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ya neng a sebeletsa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.


Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Nebukadresare, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a isa kgolehong Bajuda ba makgolo a supileng a nang le mashome a mane a metso e mehlano. Batho kaofela e bile dikete tse nne tse nang le makgolo a tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ