Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 52:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hape, a nka motseng molebedi e mong ya neng a beilwe ho hlahloba bahlabani, le banna ba supileng ho ba neng ba ema pela morena, ba ileng ba fumanwa motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, ya neng a mema setjhaba sa lefatshe; le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba ileng ba fumanwa hara motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Hona motseng moo, a ba a thopa molaodi ya neng a okametse bahlabani, le banna ba supileng, bao e neng e le baeletsi ba kgosi, a thopa le mongodi e moholo eo e neng e le molaodi wa mabotho, ya neng a hlabela setjhaba sa naha eo mokgosi, le banna ba mashome a tsheletseng ba baahi ba naha eo, bao a ba fumaneng ba ntse ba le moo motseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 52:25
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape motseng a tshwara tona e nngwe, mohlahlobi wa banna ba ntwa, le banna ba bahlano bao e neng e le baeletsi ba morena ba fumanweng motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, momemi wa makgotla a setjhaba sa lefatshe la Juda, le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba fumanweng motseng.


mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:


Baruke a bala mantswe a Jeremia lengolong, ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya Gemaria, mora Shafane, mongodi, lebaleng le kahodimo, lepatlelong la monyako o motjha wa ntlo ya Jehova, ditsebeng tsa setjhaba kaofela.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ