Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:60 - Sesotho 1909/1961 (SO)

60 Jeremia a ngola bukeng e nngwe bobe kaofela bo neng bo tla tlela Babilona, e leng mantswe kaofela ao a ngodilweng bakeng sa Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

60 Dikoduwa tsohle tse tla hlahela Babilona, Jeremia o ne a di ngotse bukeng, tsohle tse neng di ngotswe malebana le Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:60
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eya jwale, taba tseo o di ngole hodima lematjana pela bona, o di ngole bukeng, di tle di bolokelwe mehla e tlang ho tla, e be pontsho ka ho sa yeng kae.


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Jehova o re: Bonang, ke ya tsosetsa Babilona le ba ahileng naheng ya Leb-Kamai (Bakalde) moya o senyang.


Yaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha o fihla Babilona, o tle o bale mantswe ao kaofela;


Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


Ke nna alfa le omega, wa pele le wa morao. Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o ntoo se romela ho dikereke tse supileng tse Asia, e leng Efese, le Smirna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Jwale, ngola ditaba tseo o di boneng, le tse leng jwale, le tse tlang ho tla kamora tsena,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ