Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:59 - Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

59 Ona ke molaetsa oo Jeremia a neng a o nee molaodi Seraya, mora wa Neriya, setloholo sa Maasiya, ha a ne a eya Babilona, a ena le Sedekiya, kgosi ya Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Sedekiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:59
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.


Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:


ka nea lengolo la theko ho Baruke, mora Neria, mora Mahaseia, pontsheng ya Hanameele, ngwana rangwane, le pontsheng ya dipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontsheng ya Bajuda kaofela ba neng ba dutse lebaleng la teronko.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ