Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:58 - Sesotho 1909/1961 (SO)

58 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Marako a Babilona a sephara a tla ripitlwa, menyako ya hae e phahamileng e tjheswe ka mollo; etlaba ditjhaba di sebeleditse lelea, merabe e ikgathaleditse mollo, mme ba tla fela dipelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

58 Morena wa mabotho o bua tjena: “Rako le leholo la Babilona le tla heletswa, kgoro tsa yona tse phahameng di tjheswe ka mollo; setjhaba sena se sebeleditse lelea, mesebetsi ya sona e fella malakabeng!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:58
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare haese Jehova ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela; ekare haese Jehova ya bolokang motse, molebedi o fadimehela lefeela.


Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.


O ikgathaditse ka ho botsa dikeletso haholo; a ba ke ba eme, ba o pholose, bona ba tsebang lehodimo, ba lekolang dinaledi, ba o bolellang, ha kgwedi e roha, tseo o tla hlahelwa ke tsona.


Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tswala bana, mme ba lahlehelwa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova, mme bana ba bona ba tla nne ba dule le bona.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


e mong le e mong o ye a thetse motswalle wa hae, mme ha ba bolele nnete; ba rutile maleme a bona ho bolela leshano; ba sebetsa bokgopo ba sa kgathale.


Re phallelwa habohloko, re kgathetse, mme ha ho phomolo ho rona.


Bonang, na hase taba e tswileng ho Jehova wa makgotla ha ditjhaba di ikgathaletsa se tla tjheswa ke mollo, mme merabe e ntshetsa matla a yona lefeela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ