Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Pelo tsa lona di se ke tsa eba boi, le se ke la tshaba matsoso a tlang ho utlwahala lefatsheng, hobane selemong se seng letsoso le tla tla, mme hamorao, selemong se seng, letsoso le leng le tla ba teng, le botubo lefatsheng, e le morena e mong ya lwantshang morena e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:46
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.


Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.


Hobane Modimo o fokodisitse pelo ya ka, Ya matla wohle o ntshositse.


Ha o tepella mohla tsietsi, matla a hao a manyenyane.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena! Ke tla kgutlisa leloko la hao botjhabela, ke o bokelle le bophirimela.


Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.


Wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, ho bolela Jehova, hobane ke na le wena, hobane ke tla fedisa ditjhaba kaofela tseo ke o qhalanyeditseng hara tsona; ha e le wena, nke ke ka o fedisa, ke tla o kgalemela ka tekanyo; leha ho le jwalo, ke sitwa ho o lesa o sa lauwe.


Etlare ha tseo di qala ho hlaha, emisang dihlooho, mme le lelale hodimo, hobane topollo ya lona e tla be e atametse.


Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ