Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Botubo boo ke bo etseditsweng, le nama tsa ka tse harotsweng, di ke di be hodima Babilona, ho tla bolela moahi wa Sione; madi a ka a be hodima baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Baahi ba Sione ba bue, ba re: ‘Botubo boo re tubilweng ka bona, ho hlokofatswa ha mmele ya rona, tsena di ke di wele Babilona hodimo!’ Baahi ba Jerusalema bona ba re: ‘Bakalatiya ba ke ba otlwe, ba otlelwe madi ao ba a tsholotseng.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:35
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Sarai o re ho Abrame: Nyediso ya ka e wela hodimo hao! Ke neetse lekgabunyane la ka sefubeng sa hao, mme ke mona, ha le bona hoba le emotse, nna ke nyediseha mahlong a lona. Jehova a ahlole mahareng a ka le wena!


Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


hobane yena mophetetsi wa madi o a di hopola, hobane ha a lebale mohoweletso wa ba madimabe.


Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.


Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.


Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.


Hobane bolotsana bo entsweng Lebanone bo tla o apesa, le tshenyo e bileng ya tshosa diphoofolo. Ho tla ba jwalo ka baka la madi a batho, le ka baka la ho tsohela lefatshe matla, le motse le bohle ba ahileng ho wona.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


Ya howa ka lentswe le phahamileng, ya re: Morena ya halalelang, wa nnete, o tla dieha ho le hokae ho ahlola le ho lefetsa madi a rona ho ba ahileng lefatsheng?


Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!


e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ