Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 51:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 51:33
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane etlare kotulo e eso ho tle, ha palesa e wele, e se e fetohile tholwana tsa merara tse butswitseng, Jehova o tla kgaola makala a merara ka thipa, a tlose makala, a a robe.


Oho, setjhaba sa ka se hatakelwang jwaloka koro seotlong, tseo ke di utlwileng ho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ke le boleletse tsona.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


le hoba madiboho a tshwerwe, ho tjhesitswe mahlaka ka mollo, bahlabani ba thekesela.


Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Damaseka — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba hatisitse Gileade ka dilei tsa tshepe,


Empa ha di tsebe mehopolo ya Jehova, ha di utlwisise morero wa hae, hobane o di bokeletse jwaloka mangata a seotlong.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.


Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.


sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ