Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Fatshe le tla reketla ha ho utlwahala, ho utlwahala hore Babilona e se e hapilwe: Sello sa yona se tla utlwahala hara baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:46
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.


Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.


Ditjhaba di utlwa tsa dihlong tsa hao, lefatshe le dumaella pokollo ya hao, hobane mohale o otlanya mohale e mong, ba wela hammoho ba babedi.


Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?


Ka modumo wa ho wa ha bona lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo ya bona, le utlwahala Lewatleng le Lefubedu.


Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.


Lentswe la pokollo le tswa Babilona, le la tshenyo e kgolo lefatsheng la Bakalde.


Jwale, dihlekehleke di tla sisimoha tsatsing la ho wa ha hao; dihlekehleke tse lewatleng di tla tshoswa ke bofelo ba hao.


Ka modumo wa mehoweletso ya batsamaisi ba dikepe tsa hao, mabopo a tla reketla,


Ka modumo wa ho wa ha yona ka thothometsa ditjhaba, mohla ke e dihelang nqalong ya bafu hammoho le ba theohelang sehokong; hoo ya eba tshediso lefatsheng le katlase, ho difate tsohle tsa Edene le ho tse kgethilweng, tse ntle, tsa difate tsa Lebanone, e leng tsohle tse neng di enwa metsi.


Hape, ke tla makatsa matjhaba a mangata ka wena, marena a wona a qhaqhasele ka baka la hao mohla ke nonyang lerumo la ka pontsheng ya wona; a tla thothomela ka dinako tsohle, e mong le e mong bakeng sa bophelo ba hae, mohla letsatsi la ho wa ha hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ