Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

42 Tjhaba seo se hlometse ka diqha le ka marumo; ke tjhaba se sehloho, tjhaba se hlokang mohau. Modumo wa sona ekare wa lewatle le hwasa. Tjhaba seo se tla se palame dipere tsa sona, se theile theko ya ntwa, se hlometse sa mohlabani, se a o futuhela, wena Moradi wa Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:42
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


O hopole selekane sa hao, hobane dinqalo tse ntsho tsa lefatshe di tletse mahaha a dihlola.


ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Metsu ya bona e bohale, diqha tsohle tsa bona di kobilwe, dikgaba tsa ditlhako tsa dipere tsa bona di ka mahakwe, mme maoto a makoloi a bona a fofa jwaloka setsokotsane.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;


Emang pela Babilona ka ntwa, le mo teele hare, lona ba fulang ka seqha; mmetseng, le se ke la timana metsu, hobane o hlile o sitetswe Jehova.


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Emisang folaga lefatsheng, le letse terompeta ditjhabeng, le mo tsosetse ditjhaba, le mo memele mebuso ya Ararate, ya Minni, le ya Ashkenase, le bee balaodi ba makgotla ho mo lwantsha; atametsang dipere, di ke di nyolohe jwaloka ditsie tse mohlahla.


Modumo wa dipere tsa hae o utlwahetse Dane, fatshe lohle le reketla ke dillo tse tshabehang tsa tsona; ba ya tla ho bolaya naha le tseo e tletseng tsona, metse le baahi ba yona.


Ka baka leo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Tire; ke tla o nyollela ditjhaba tse ngata, ka mokgwa oo lewatle le nyollang maqhubu a lona.


Ba thala ka modumo o kang wa makoloi a mathang hodima dithaba; ke modumo o kang wa lelakabe la mollo le tjhesang matlakala; ba jwaloka setjhaba se matla se itokiseditseng ntwa.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ