Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Lerumo le hodima dipere tsa hae, le hodima makoloi a hae, le hodima bajaki kaofela ba ho yena, mme ba ya fetoha basadi; lerumo le hodima matlotlo a hae, hore a tle a hapuwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Sabole e supile le dipere tsa bona, ya supa le tsona kariki tsa bona tsa ntwa; e supile bohle bao e leng melata, kaofela ha bona ba tla fetoha basadi! Sabole e supile matlotlo a Babilona, kaofela ha wona matlotlo ana a tla hapuwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:37
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.


Ka tsatsi leo, Baegepeta ba ya ba jwaloka basadi; ba tla tshoha, ba thothomele, ka baka la letsoho la Jehova wa makgotla le sisinyehang ho ba kgalemela.


Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.


le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;


le marena kaofela a Arabia, le marena kaofela a bajaki bohle ba ahileng lefeelleng;


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.


Le futuheleng, lona ba tswang dipheletsong tsohle; phahlang difala tsa lona, le le bokelle, le be jwaloka qubu ya mangata, mme le le neele thohako; le se ke la siya letho la lona.


Ka wena ke nnile ka pshatla pere le mopalami wa yona, ka wena ka pshatla koloi le ya e hlweleng.


Ka wena ka pshatla monna le mosadi; ka wena ka pshatla ya hodileng le e motjha; ka wena ka pshatla mohlankana le morwetsana.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Mahlatsipa a tle a we lefatsheng la Bakalde, le ba hlabilweng ba we diterateng tsa lona.


Bakushe, Baputhe, Balude, le Baarabia kaofela, le Bakube le bana ba lefatshe la selekane, ba tla wa ka lerumo hammoho le bona.


Tafoleng ya ka, le tla kgora dipere le tse bofshwang, diqhenqha le bohle banna ba ntwa: ho bolela Morena Jehova.


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ