Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:36 - Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

36 E supile baporofeta ba bohata, baporofeta ba Babilona! Baporofeta bao ba tla fetoha dithoto. Bahlabani ba Babilona le bona e ba supile, bahlabani bao ba thothomela ke tshabo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:36
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Ke tseba bohale ba hae, ho bolela Jehova, le bosawana ba boithoriso ba hae; ke lefeela.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Ka baka leo, bahlankana ba hae ba tla wa diterateng, bahlabani bohle ba hae ba fediswe tsatsing leo, ho bolela Jehova.


Ka wena ke nnile ka pshatla modisa le mohlape wa hae; ka wena ka pshatla molemi le dipholo tsa hae, ka wena ka pshatla mahosana le babusisi.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


le hoba madiboho a tshwerwe, ho tjhesitswe mahlaka ka mollo, bahlabani ba thekesela.


Ninive, haesale a hlaha, o ne a le jwaloka letsha la metsi a mangata. Jwale, howa balehuwa! Emang, emang! ... empa ha ho ya retelehang!


Bona, batho ba hao ba ho wena ke basadi feela; dikgoro tsa lefatshe la hao di ipuletse bao e leng dira ho wena, mekwallo ya hao e tjheswa ke mollo!


mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?


ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe;


o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


Empa kantle ho tla sala dintja, le baloi, le bafebi, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, le ba le etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ