Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Lerumo le hodima Bakalde, ho bolela Jehova, le hodima baahi ba Babilona, le hodima marena a hae, le hodima ba bohlale ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 “Sabole e supile setjhaba, tjhaba sa Bakalatiya,” ho rialo Morena. “Baahi ba Babilona le bona e ba supile, e supile babusi ba yona le bahlalefi!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:35
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa diketso tse makatsang, tse mehlolo hodima setjhaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ya banna ba sona ba hlalefileng.


Ke mo tsositse leboya, mme o a tla; o tswa botjhabela, ya rapelang lebitso la ka; o hatakela marena, jwaloka seretse, ka mokgwa wa mmopi wa dipitsa ha a kgoba letsopa.


ke fosisang dipontsho tsa baporofeta ba leshano, ke thotofatsang dinohe, ke suthisang ba bohlale kasanthao, ke fetolang bohlale ba bona bohlanya.


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


Hobane Jehova o tla ahlola nama yohle ka mollo, a otle nama yohle ka lerumo la hae; palo ya ba tlang ho bolawa ke Jehova e tla ba kgolo.


Ya ka beng a sa o tshabe ke mang, Morena wa ditjhaba? Hobane o lokelwa ke ho tshajwa, hobane hara ba hlalefileng kaofela ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya tsona ha ho ya jwaloka wena.


Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Ka baka leo, bahlankana ba hae ba tla wa diterateng, bahlabani bohle ba hae ba fediswe tsatsing leo, ho bolela Jehova.


Etlare ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete, ke ba tahise, hore ba tle ba nyakalle, ba be ba ye ho robala boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, bonang, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya Babilona; lefatshe la hae kaofela le tla hlabiswa dihlong, baahi bohle ba hae ba we ho yena ba hlabilwe.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Lerumo le tla senya metseng ya hae, le fedise mekwallo ya hae, le ba qete ka baka la merero ya bona.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Ho madimabe modisa wa lefeela ya tlohelang mohlape! Lerumo le tla otla letsoho la hae le leihlo la hae le letona. Letsoho la hae le tla omella ruri, leihlo la hae le letona le fifale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ