Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ho ya tetema moikgohomosi, o tla wa, ha ho motho ya tla mo tsosa, mme ke tla besa mollo metseng ya hae, o tle o fedise mathoko a hae kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Moikgantshi o tla kgothometseha a ba a we, ha ho na ya tla mo thusa ho mo emisa; ke tla hotetsa mollo motseng wa hae, o tla tjhesa tsohle tse mo potapotileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:32
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baikakasi a ba ke ba hlajwe ke dihlong, hobane ba ntuba feela! Haele nna, ke ntse ke nahana ditemoso tsa hao.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.


ho ke ke ha hlola ho nkwa lejwe la ntlha ho wena leha e le lejwe la motheo; empa o tla fetoha lesupi feela ka ho sa feleng, ho bolela Jehova.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Empa mohla pelo ya hae e kokomohang, mme moya wa hae o ikgohomosang ho isa nyefolong, a tloswa teroneng ya hae ya borena, a amohuwa kganya ya hae;


ke tla akgela mollo kahara lerako la Tire, o tle o tjhese matlo a teng a borena.


ke tla akgela mollo Themane, o tle o tjhese matlo a borena a Botsra.


ke tla hotetsa mollo kahara lerako la Rabba, o tle tjhese matlo a teng a borena hara mokgosi, tshiung ya ntwa, hara ditsokotsane, tsatsing la sefefo.


ke tla akgela mollo tlung ya Hasaele, o tle o tjhese le matlo a borena a Ben-Hadade.


ke tla akgela mollo hara lerako la Gasa, o tle o tjhese matlo a teng a borena;


ke tla akgela mollo Moabe, o tle o tjhese matlo a borena a Keriothe, mme Moabe o tla timela moferefereng oo hara mokgosi le modumo wa terompeta;


ke tla akgela mollo Juda, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema.


O wele, ha a sa tla boela a eme, morwetsana wa Iseraele; o dihetswe fatshe; ha ho ya mo tsosang.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ