Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 “Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:29
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!


O itshepetse bolotsana ba hao; o ne o re: Ha ke bonwe ke motho. Bohlale le tsebo ya hao ke tsona tse o thetsitseng, mme o itse pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong haese nna.


Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.


Le futuheleng, lona ba tswang dipheletsong tsohle; phahlang difala tsa lona, le le bokelle, le be jwaloka qubu ya mangata, mme le le neele thohako; le se ke la siya letho la lona.


Ho ya tetema moikgohomosi, o tla wa, ha ho motho ya tla mo tsosa, mme ke tla besa mollo metseng ya hae, o tle o fedise mathoko a hae kaofela.


Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Wa seqha a fule ka seqha ka nqa ho ya fulang ka seqha sa hae, le ka nqa ho ya emeng a tshepile tshireletso ya hae; le se ke la qenehela ba batjha ba hae, le fedise makgotla a hae kaofela.


Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.


Efela mosenyi o ya mo tlela, yena Babilona; bahale ba hae ba tla hapuwa; liqha tsa bona di robehile; hobane Jehova ke Modimo wa boiphetetso, o tla nne a putse ka tshwanelo.


Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.


Jehova, o ba putse ka moputso o lekanang le mosebetsi wa matsoho a bona.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Hobane letsatsi la Jehova la ho ahlola ditjhaba tsohle le haufi. Seo o se entseng o tla se etswa le wena, ketso tsa hao di boele hodima hlooho ya hao.


Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang,


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ