Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Le futuheleng, lona ba tswang dipheletsong tsohle; phahlang difala tsa lona, le le bokelle, le be jwaloka qubu ya mangata, mme le le neele thohako; le se ke la siya letho la lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Futuhelang Babilona le etswa hohle, disiu tsa yona le di qhaqholle; bokellang tsohle sa setha sa mabele, le di bokelle, le di senyetse ruri, le se ke la siya leha e le letho!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:26
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane letsoho la Jehova le tla dula thabeng ena, empa Moabe o tla hatakelwa moo a leng teng, jwaloka setroi sa koro ha se hatakelwa lemeneng la moitedi.


Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.


O emisetsa ditjhaba tse hole folaga ya hae, mme o di hlabela mokgosi, hore di tlohe pheletsong ya lefatshe; mme hang, di a phalla, di tla ka lebelo.


Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.


Ka bohale bo tjhesang ba Jehova ha a sa tla ahuwa, mme e tla nne e be lefeella kahohle; e mong le e mong ya tla feta ka Babilona o tla makala, a some ka dikotsi kaofela tsa hae.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?


Bonang, ho ya tla setjhaba se tswang leboya; setjhaba se seholo le marena a mangata a ya hlaha a etswa dikgutlelong tsa lefatshe.


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


o re: Babilona o tla tebela jwalo; a ke a se ke a tsoswa ka baka la kotsi tseo ke tlang ho di tlisa hodima hae. Mantswe a Jeremia a kgutla moo.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?


Lengeloi la akgela sekele ya lona lefatsheng, la kotula merara ya lefatshe, mme la akgela ditholwana tse kotutsweng sehatelong se seholo sa bohale ba Modimo.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ