Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jehova o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, o ntshitse dibetsa tsa kgalefo ya hae teng, hobane ke Morena, Jehova wa makgotla, ya nang le taba le lefatshe la Bakalde.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Morena o butse ntlo ya dihlomo tsa hae, hlomo tsa kgalefo ya hae a di ntsha. Morena Modimo wa mabotho, o na le mosebetsi, mosebetsi oo a o etsang naheng ya Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:25
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O mohale! o itlamelle sabole ya hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ya hao le kganya ya hao!


Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.


E mong le e mong ya fumanwang o tla hlajwa ka lerumo, ba tshwarwang ba bolawe ka tjhaka.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


O no o le tjhaka ya ka le dibetsa tsa ntwa, ke nnile ka pshatla ditjhaba ka wena, ka timetsa mebuso ka wena.


Bona, ke tla ho wena, thaba e senyang, ho bolela Jehova, wena ya senyang lefatshe kaofela; ke tla otlolla letsoho la ka hodima hao, ke o dihe mafikeng, ke o fetole thaba e tjhesitsweng;


Hobane Jehova o ya senya Babilona, a fedise modumo o moholo ho yena; hobane ho duma maqhubu a bona jwaloka metsi a maholo, ho phahama modumo o tshabehang wa bona.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Ka baka leo, dikotsi tsa hae di tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, mme o tla tjheswa ka mollo; hobane o matla, Modimo o mo ahlolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ