Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke o tjhehetse sefi, mme o tshwerwe, Babilona, o sa tsebe; o bile wa fumanwa, o tshwasitswe, hobane o lwantshitse Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;


Na modumadumi o sa tseka le Ya matla wohle na? Ya pheileng kgang le Modimo a ke a arabe jwale!


A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?


Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: O tla hana ho fihlela neng ho ikokobetsa pela ka? Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Mokgosi wa ntwa o o lebeletse, moahi wa Moabe, le mokoti le leraba, ho bolela Jehova.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Ke tla tahisa marena a hae le ba bohlale ba hae, matona a hae le babusisi ba hae le bahale ba hae, ba tle ba robale boroko bo sa feleng, ba se ke ba hlola ba tsoha, ho bolela Morena: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.


ya hanang, ya iphahamisang hodima hohle ho bitswang Modimo, leha e le ho kgumamelwang, mme o tla dula jwaloka Modimo tempeleng ya Modimo, a ipeile Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ