Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, ho tla batlwa bokgopo ba Iseraele, mme bo tla ba siyo; le sebe sa Juda, mme ha se ka ke sa fumanwa; hobane ke tla tshwarela bao ke ba siileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ka matsatsi ao, le ka nako eo,” ho rialo Morena, “bokgopo ba Baiseraele bo tla batlisiswa, empa ha bo ka ke ba ba ba fumaneha; le dibe tsa morabe wa Juda di tla batlisiswa, empa le tsona ha di ka ke tsa ba tsa fumaneha, hoba masalla ao ke tla a tshwarela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:20
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha botjhabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makgopo a rona jwalo hole le rona.


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


O kgutsisitse bohale bohle ba hao, o timile mollo wa kgalefo ya hao.


Hojane Jehova wa makgotla a sa ka a re bolokela masala a phonyohileng, re ka be re entswe jwaloka Sodoma, re ka be re tshwana le Gomorra.


Masala, ke re, masala a Jakobo, a tla sokolohela ho Modimo o matla.


Mme ha ho motho ya ahileng Jerusalema ya tla re: Ke bohloko! Setjhaba se ahileng teng se tshwaretswe dibe.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane wa hae, ha ho motho ya tla ruta wa habo ka ho re: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova; hobane ke tla ba lesella bokgopo ba bona, mme ha ke sa tla hopola dibe tsa bona.


Matsatsing ao le mohlang oo, ke tla hlahisetsa Davida lehlomela la ho loka, mme le tla etsa kahlolo le ho loka lefatsheng.


Ke tla ba hlwekisa bokgopong bohle ba bona, boo ba ntshitetsweng ka jona, ke ba leselle dibe kaofela tseo ba ntshitetsweng ka tsona, tseo ba nkwenehetseng ka tsona.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba ena le bana ba Juda, ba tla ya ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Modimo wa bona.


Molato wa hao o phethilwe, moradi wa Sione; ha ho sa tla ba ya o isang kgolehong; ho tla batlisiswa bokgopo ba hao, moradi wa Edomo, ho kwahollwe dibe tsa hao.


Ditlolo tsohle tseo a di entseng ha di ka ke tsa hopolwa, o tla phela ka ho loka hoo a ho entseng.


O tla boela o re rekolohele; o tla hatakela makgopo a rona, o akgele dibe tsa rona kaofela bodibeng ba lewatle.


Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.


Hobane bona, lejwe ke lena leo ke le beileng pela Joshua, hodima lejwe leo le le leng ho na le mahlo a supileng. Ke ya le betla, ho bolela Jehova wa makgotla, mme ke tla hlakola bokgopo ba lefatshe lena ka tsatsi le le leng.


Ha o fumane bokgopo ho Jakobo, le tse sa lokang ha o di bone ho Iseraele: Jehova, Modimo wa hae, o na le yena; ke morena wa hae, eo a mo thabelang.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Mme haele ka mohau, ha e sa le ka mesebetsi; hobane hola ke ka mesebetsi, mohau e ka be e se mohau; mme hola ke ka mesebetsi, e ka be e sa hlole e le ka mohau, hobane hoja ha ho jwalo, mosebetsi e ka be e sa hlole e eba mosebetsi.


Hape, neo ha e jwaloka ho hlahileng ka ho sitwa ha motho a le mong; hobane kahlolo e tswile ho motho a le mong, e tlisitse tsuo; empa neo ya mohau e tswile ditlolong tse ngata, e tlisitse ho loka.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ