Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Baiseraele ke mohlape o qhalakaneng, oo ditau di o manakisang. Wa pele wa ho ba ja ke kgosi ya Asiria, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a qetela ka ho ba bjabjaretsa masapo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:17
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.


Tsiung tsa Peka, morena wa Iseraele, ha tla Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a nka Ijone, le Abele-Bethe-Maaka, le Janowa, le Kedeshe, le Hatsore, le Gileade, le Galelea, e leng naha yohle ya Nefthali, a isa batho ba teng Assiria kgolehong.


Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.


Mohlang oo, bahlanka ba Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba futuhela Jerusalema, mme motse wa thibellwa.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.


Tilgathe-Pilnesere, morena wa Assiria, a fela a tla ho yena, a mo tsietsa, a mpa a se ke a mo matlafatsa.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Metsi a Dimone a tletse madi, hobane ke tla eketsa kotlo ya Dimone, ke ho re, tau e tlang ho bolaya ba phonyohileng ba Moabe le ba setseng naheng ya teng.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


O ke o tshollele kgalefo ya hao ditjhabeng tse sa o tsebeng le merabeng e sa rapeleng lebitso la hao; hobane ba jele Jakobo, ba mo jele le ho mo qeta, ba ripitlile leaho la hae.


Ditawana di a mo purumela, di dumisa mantswe a tsona, di fetola lefatshe la hae tshenyeho feela; metse ya hae e tjhesitswe, e hlokile moahi.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.


Bonang, jwaloka tau ha e nyoloha mahlakeng a Jordane, o ya nyolohela leahong le thata; mme hang ke tla balehisa Edomo ho lona; eo ke mo kgethang ke tla mo laeletsa yena. Hobane ke mang ya jwaloka nna? Ke mang ya ka mpiletsang kgotla? Ke mang modisa ya ka emang pela ka?


Se tla ja lehwetla la hao le bohobe ba hao; se je bara ba hao le baradi ba hao; se je dinku tsa hao le dikgomo tsa hao, se je merara ya hao le difeiye tsa hao, se heletse ka lerumo metse ya hao e diqhobosheane, eo o e tshepileng.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Ba tla puruma hammoho jwaloka ditau, ba lle jwaloka ditawana.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi ha a bewa morena, mme a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ