Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 50:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Le kgaoletse ho Babilona molemi le ya tshwarang sekele nakong ya ho kotula; pela lerumo le timeletsang, e mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Fedisa mojadi Babilona, le mokotudi ka sekele ya hae a fele. Ka baka la ho tshaba sabole ya mohatelli motho ka mong a kgutlele tjhabeng sa habo, motho ka mong a balehele naheng ya habo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 50:16
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.


O tla tloha jwaloka tau e morung, hore lefatshe la bona le tle le fetolwe lesupi ke bohale ba lerumo le bolayang, le ke bohale ba kgalefo ya hae.


Ho eketseha ba wang, e mong a wele hodima molekana hae, ba re: Tsoha, re boeleng ho setjhaba sa heso, le lefatsheng la ho tswalwa ha rona, re balehele lerumo le bohale.


Ka wena ke nnile ka pshatla modisa le mohlape wa hae; ka wena ka pshatla molemi le dipholo tsa hae, ka wena ka pshatla mahosana le babusisi.


Re kile ra oka Babilona, empa ha a fole; a re mo tloheleng, re ikeleng e mong le e mong lefatsheng la heso, hobane kahlolo ya hae e fihla mahodimong, e phahametse maru.


Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ