Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ke tla thothometsa Elame pela bao e leng dira ho bona, le pela ba batlang bophelo ba bona, ke ba hlahisetse kotsi, e leng kgalefo e tjhesang ya ka, ho bolela Jehova; mme ke ba phallele ka lerumo, ke tle ke ba fedise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Baelame ke tla ba qhemetsa, ke ba qhemetse mahlong a dira tsa bona, mahlong a ba batlang ho ba bolaya; ke tla dihela koduwa hodima bona, ke ba dihele kgalefo ya ka, kgalefo e tlokomang,” ho rialo Morena. “Ke tla romela mara a ba phaladise, a ba phaladise ka sabole, a ba timetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:37
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae. Mehleng ya qetello, le tla ba le hlalohanyo ya teng.


Kganya ya Moabe e se e le siyo; Heshbone, ba hopotse bobe bakeng sa hae, ho thwe: Tloong, re mo fediseng, e se ke ya hlola e eba setjhaba; le wena Madmene, o ya bolawa, lerumo le tla o sala morao.


O robakilwe jwang! Bokollang! Moabe o nea keng seholoholo, a ntse a le dihlong? Moabe e tla ba sesomo le thothometso ho ba bapileng le yena kaofela.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.


Ho ke ho hapjwe ditente tsa bona, le dinku tsa bona, ho ke ho uwe le dikobo tsa bona, le mesebetsi yohle ya bona, le dikamele tsa bona, ho howeletswe, ho thwe: Ho tshabeha ka nqa tsohle.


Ke tla bea terone ya ka Elame, ke fedise morena le ba baholo teng, ho bolela Jehova.


Bonang, ke ya tlisa mokgosi ho wena, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, ka mathokong wohle a hao, mme le tla qhalana e mong le e mong ka nqa hae, ho se ya bokellang maphanyaphanya.


Lerumo le hodima ba buang mashano, hore ba be jwaloka mawatla; lerumo le hodima bahale, hore ba tle ba swabe.


Wena lefatshe, mamela! Bonang, ke ya tlisetsa setjhaba sena kotsi, e leng tholwana ya mehopolo ya sona, hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, mme ba nyedisitse molao wa ka.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.


Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.


Haele bohle ba mo teetseng hare, le metlatsetsa ya hae, le makgotla a hae, ke tla ba qhalanyetsa meyeng yohle, ke ba phallele ke tsomotse lerumo.


Mabitla a bona a beilwe bodibeng ba sehoko, setjhaba sa hae se teetse lebitla la hae hare; ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


O tle o tjhese boraro ba wona mollong, hara motse, ha ho se ho phethehile ditshiu tsa thibello; o boele o nke boraro ba wona, o bo hlabe ka lerumo, o ntse o pota motse; boraro bo bong ba wona o bo akgele moyeng, ke tle ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ