Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Bakeng sa Kedare, le bakeng sa mebuso ya Hatsore, eo Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a e hlola, ho itswe ke Jehova: Tlohang, le nyolohele Kedare, le senye bana ba Botjhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Malebana le Kedare le mebuso ya Hasore, eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a neng a e futuhela, Morena o re: “Ema, o futuhele baahi ba Kedare, baahi ba botjhabela o ba timetse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:28
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mabitso a bara ba Ishmaele, ka lenaneo la bona, ka ho tswalwa ha bona, ke wona ana: Ke Nebajothe, letsibolo la Ishmaele, le Kedare, le Adbeele, le Mibsame,


Empa haele bara ba basadi ba bang, bao Abrahama a neng a na le bona, Abrahama a ba abela dimpho, mme a ba tlosa pela Isaaka, mora hae, a sa ntse a phela, a ba isa ka nqa botjhabela, naheng ya Botjhabela.


Masika a bona ke ana: Letsibolo la Ishmaele ke Nebajothe; yaba ke Kedare, Adbeele, Mibsame,


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Baradi ba Jerusalema, ke motshwana, empa ke motle jwaloka ditente tsa Kedare, jwaloka dilepello tsa tente ya Salomone.


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Boporofeta hodima Arabia: Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lona dihlopha tsa baeti ba Dedane.


Naha e masabasaba le metse ya teng, le Bakedare ba ahileng ditenteng, ba phahamise lentswe, ba ahileng mafikeng ba bine, ditlatse di dume diqhoweng tsa dithaba.


Hlong le fele le etele dihlekehlekeng tsa Kittime, le tadime; romelang Kedare, le lemohe hantle, le tadime ha taba e jwalo e se e kile ya eba teng.


le Dedane, le Thema, le Buse, le ba beolang hlafunelo;


le marena kaofela a Arabia, le marena kaofela a bajaki bohle ba ahileng lefeelleng;


Ke utlwile tsebiso e tswang ho Jehova, le molaetsa o rometsweng ho ditjhaba, o re: Bokanang, le mo futuhele, le tsohele ntweng.


Mme Hatsore e tla nne e be letsaba la diphokojwe, le lefeella ka ho sa feleng; ho ke ke ha aha motho teng, leha e le ngwana motho ho ikahela teng.


Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.


Enere Baiseraele ha ba lemile, Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela ba ne ba nyoloha ba futuhile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ