Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Damaseka o fokotse, o itokisetsa ho baleha, mme ho thothomela ho hoholo; tsietsi le mahloko a mo tshwere jwaloka hoja ke ya belehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Damaseka e se e fokola, e phekgohile, e hlanola tlhabela, tshabo le yona e se e e fihletse; bohloko bo e tshwere le mahlaba a e tshwere, mahlaba a kang a mosadi, mosadi a kena tlung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.


Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.


A le ke le botse, le bone, na e motona a ka beleha na? Ke bona keng matsoho a monna e mong le e mong ha a le mathekeng a hae, jwaloka hoja ke ya belehang, mme sefahleho sa e mong le e mong se hlwentse?


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Bonang, o nyoloha jwaloka ntsu, o a fofa, o sarolla mapheo a hae ka nqa Botsra; mme ka tsatsi leo pelo tsa bahale ba Edomo di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


Ho ke ho hapjwe ditente tsa bona, le dinku tsa bona, ho ke ho uwe le dikobo tsa bona, le mesebetsi yohle ya bona, le dikamele tsa bona, ho howeletswe, ho thwe: Ho tshabeha ka nqa tsohle.


Ke tla thothometsa Elame pela bao e leng dira ho bona, le pela ba batlang bophelo ba bona, ke ba hlahisetse kotsi, e leng kgalefo e tjhesang ya ka, ho bolela Jehova; mme ke ba phallele ka lerumo, ke tle ke ba fedise.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.


Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.


Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ