Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 49:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane bona, ke ya o etsa e monyenyane hara ditjhaba, le ya nyediswang hara batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Ke tla le nyenyefatsa, ke le nyenyefatse hara baditjhaba, batho bona ba le nyedise!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 49:15
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.


Ke utlwile tsebiso e tswang ho Jehova, le molaetsa o rometsweng ho ditjhaba, o re: Bokanang, le mo futuhele, le tsohele ntweng.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Bona, ke o entse e monyenyane hara ditjhaba, o nyediswa haholoholo.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


O sebeditse ka matla ka letsoho la hae; o qhalantse ba ikgohomositseng mehopolong ya dipelo tsa bona;


Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ