Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 46:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mohwasa wa hae o jwaloka wa noha e balehang; ba ntse ba tsamaya ka makgotla, ba tla ho yena ka dilepe, jwaloka hoja ke baremi ba difate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Egepeta e tla hwasa, e hwase sa noha e baleha, e hwase ha sera se etla ka sekgahla; ba tla e futuhela ba tshwere dilepe, ba di tshwere sa banna ba rema difate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 46:22
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba eba jwaloka batho ba remakang ka dilepe boteteanong ba moru.


Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.


Esita le tsona dikipresse di thabetse tshenyeho ya hao, le dikedare tsa Lebanone, di re: Haesale o robala, ha ho ya tlileng ho re rema.


Ha o kokobeditswe, lentswe la hao le tla tswa fatshe, dipolelo tsa hao di utlwahale eka di pupetswa ke lerole; lentswe la hao le tla tloha fatshe eka la seriti, mme o tla nne o wewetse dipolelo tsa hao o le leroleng.


O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Lebanone ka makoloi a ka a mangata; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.


Le wona masole a hae a hirilweng a jwaloka marole a nontshitsweng, hobane le wona a reteleha, a baleha hammoho, ha a eme, tsatsi la wona la bofelo le a a tlela, tsatsi la kgalemelo ya wona.


Ba tla rema moru wa hae, ho bolela Jehova, leha o teteane; hobane ba bangata ho fetisa ditsie, palo ya bona ha e balwe.


Ka baka leo, ke tla lla, ke bokolle; ke tla tsamaya ke hlobotse, ke le feela; ke tla lla jwaloka diphokojwe, ke rore jwaloka dimpshe.


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong bakeng sa matla wohle a tsona; di tla ipea letsoho hodima molomo, di thibane ditsebe.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


Dihlooho tsa eketsa tsa re ho bona: Ba ke ba pholohe. Ba bewa ba rathang patsi le ba kgang metsi a phutheho yohle, jwalokaha dihlooho di ne di ba boleletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ