Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 44:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Bonang, ke tla ba lebela ka bobe, e seng ka molemo, mme Bajuda bohle ba tla timetswa lefatsheng la Egepeta ke lerumo le tlala, ba be ba fele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Bonang, ho ba hlokomela ha ka, e tla ba ho ba tlisetsang bobe, e seng botle. Banna bohle ba morabe wa Juda, ba leng naheng ena ya Egepeta, ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto, ho fihlela ba felella bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 44:27
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla furalla masala a lefa la ka, ke a neele matsohong a bao e leng dira ho wona, hore a fetohe tlatlapo le kgapo pela bohle bao e leng dira ho wona;


Shadima, tsatsing lona lena ke o laeletsa ditjhaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.


Eya, o bolelle Ebede-Meleke, Moethiopia, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bona, ke ya etsahatsa mantswe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontsheng ya hao, tsatsing le itseng.


lerumo leo le le balehelang le tla le fihlela teng lefatsheng la Egepeta, le tlala eo le e balehelang e tla le kgomarela Egepeta, le shwele teng.


Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.


Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Empa haesale re lesitse ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, le ho mo tshollela dino, re ntse re haellwa ke dintho tsohle, mme re shwa ke lerumo le tlala.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke a fepa setjhaba sena ka lengana, ke se nose metsi a mahloko.


Mme ke tla ba qhalanyetsa ditjhabeng tse sa tsejweng ke bona, leha e le ke bontata bona, ke romele lerumo kamora bona, ke tle ke ba fedise.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


bofelo bo a tla, bofelo bo a tla, bo o phaphametse. Bona, bo tlile.


Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.


Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ