Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 44:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Yaba Jeremia o fetola setjhaba kaofela, banna le basadi, le setjhaba kaofela, ba neng ba mo fetotse ka taba tseo, a re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Jwale Jeremia a re ho batho bohle, banna le basadi, le ho batho bohle ba neng ba ile ba mo araba:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 44:20
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.


Le rona, ha re tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano, re mo tshollela dino, na re mo etsetsa dinkgwana ho mo sebeletsa le ho mo tshollela dino, banna ba rona ba sa tsebe na?


Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?


A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ