Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 44:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 44:17
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.


A hlabela medimo ya Damaseka e mo qhadileng, a re: Erekaha medimo ya marena a Siria e a thusitse, ke tla e hlabela, hore le nna e tle e nthuse. Athe e a mo dihela fatshe, yena le Iseraele kaofela.


Marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le bontata rona, ha ba ka ba etsa ka molao wa hao, ha ba ka ba nahana ditaelo tsa hao le dikeletso tsa hao tseo o nnileng wa paka hara bona ka tsona.


Re sitilwe jwaloka bontata rona, re entse bokgopo le bobe.


e leng bona ba reng: Re tla qhala ka maleme a rona; melomo ke ya rona; ya ka re busang ke mang?


Bana ba Iseraele ba re ho bona: Hojane ra itjhwella ka letsoho la Jehova lefatsheng la Egepeta re ntse re ituletse pela dipitsa tsa nama, re eja bohobe, re kgora! Hobane le re ntshitse teng, la re tlisa lefeelleng lena, hore le bolaye setjhaba sena kaofela ka tlala.


ke o boleletse ditaba tsena kgale, ka o tsebisa tsona di eso ho hlahe, o tle o se ke wa re: Modimo wa ka wa setshwantsho ke wona moetsi wa tsona, setshwantsho sa ka se betlilweng, kapa se tsholotsweng, ke sona se di laetseng.


Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


Esita le metse ya Juda le baahi ba Jerusalema, ba tla ya, ba howeletse ho medimo eo ba e tjhesetsang dibano, empa e ke ke ya ba thusa letho tsatsing la tsietsi ya bona.


Leha ho le jwalo, setjhaba seo e leng sa ka se ntebetse, ba ile ho tjhesetsa ntho tsa lefeela dibano; ba kgelositswe tsela tsa kgale, le ho tsamaiswa mebileng esele, tseleng e sa katwang;


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lona le basadi ba lona, le boletse ka melomo ya lona, le bile le entse ka matsoho a lona seo le se boletseng, la re: Re tla nne re boloke dikano tsa rona tseo re di anneng, tsa ho tjhesetsa mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino. Jwale, ha le tiisitse dikano tsa lona, mme le bolokile dikano tsa lona,


Na le se le lebetse diketso tse mpe tsa bontata lona, le diketso tse mpe tsa marena a Juda, le diketso tse mpe tsa basadi ba wona, le diketso tse mpe tsa lona, le diketso tse mpe tsa basadi ba lona, tseo ba ileng ba di etsa naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema na?


Na ha o bone seo ba se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Bana ba rwalla patsi, bontata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama ho etsetsa mofumahadi wa lehodimo dinkgwana, ba tshella medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


Haele se itlhahisang pelong tsa lona, ha le re: Re tla tshwana le ditjhaba tse ding le meloko ya mafatshe a mang, re sebeletse lehong le lejwe; ha se ka ke sa hlaha.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


ka baka leo, o thabela letanta la hae, o tjhesetsa letlowa la hae dibano, hobane ke ka tsona kabelo ya hae e nonneng, le dijo tsa hae di hlabosang.


Empa ha monna wa hae a di fedisa ka tsatsi leo a di utlwileng ka lona, tsohle tseo a ikanneng ka tsona le tseo a itlamileng ka tsona, e tla ba tse sa tiyang, hobane monna wa hae o di fedisitse; mme Jehova o tla mo tshwarela.


Etlere ha motho a ikanne ho Jehova, kapa ha a itlamile ka kano hore o tla etsa hore hoitseng, a se ke a kwenehela lentswe la hae, a mpe a etse tsohle tseo a di boletseng ka molomo wa hae.


Morena a swaba haholo, a mpa a tshaba ho hana ho yena ka baka la kano ya hae le la ba dutseng dijong le yena.


Se boletsweng ke melomo ya hao, o se hopole, o se etse kamoo o itlamileng ho Jehova kateng, Modimo wa hao, e be mpho ya boithatelo ba hao, e boletsweng ke melomo ya hao.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera la ka kgauta le lopolotsweng mokgweng wa lona wa lefeela, oo le neng le o rutilwe ke bontata lona;


Moradi wa hae a re ho yena: Ntate, ekare ha o ahlamisitse molomo wa hao pela Jehova, o nketse kamoo o boletseng kateng, haele moo o pheteleditswe ke Jehova ho dira tsa hao, bana ba Ammone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ