Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 37:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?” Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 37:17
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Morena a re ho yena: Ke tla o antsha hakae, hore o mpolelle nnete feela ka lebitso la Jehova?


Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Setshabelo se tla hlokahalla badisa, le ho pholoha ho be siyo ho beng ba mohlape.


Morena Tsedekia a romela Jukale, mora Shelemia, le Sofonia, mora Maaseia, moprista, ho moporofeta Jeremia, ka ho re: Ako re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona.


Yaba morena Tsedekia o re: Bonang, o matsohong a lona, hobane morena a ke ke a ba le matla ho lona.


Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.


A boela ho yena, a fihlela Balake a eme pela setjheso sa hae, a ena le matona a Moabe.


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ