Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 37:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba baholo ba hlwenyetsa Jeremia, ba mo otla, ba mo isa tlung ya teronko, ka tlung ya Jonathane mongodi, hobane ba ne ba e entse teronko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Yaba babusi ba halefela Jeremia haholo, ba a mo shapa, ba mo kenya tjhankaneng, ka tlung ya Jonathane, eo e neng e le mongodi wa puso, e leng ntlo eo ba neng ba e fetotse tjhankana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 37:15
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mong a Josefa o na mo nka a mo kenya tlung ya teronko, nqalong eo baholehuwa ba morena ba holehilweng teng; mme a dula teng, ka tlung ya teronko.


Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba.


Ho itswe ke morena: Kenyang monna enwa teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Mme wena Jehova, o tseba hobane merero kaofela wa bona bakeng sa ka ke ho mpolaya. O se ke wa apesa molato wa bona, o se hlakole sebe sa bona pela mahlo a hao; ba ke ba kgothometswe pontsheng ya hao; tsatsing la kgalefo ya hao o ba etse jwalo.


Yaba baholo le setjhaba kaofela ba bolella baprista le baporofeta, ba re: Motho enwa ha a lokelwa ke lefu, hobane o buile le rona ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Mme jwale, ako mmamele, monga ka, morena, thapelo ya ka e ke e bewe pela hao, o se ke wa mpusetsa ka tlung ya Jonathane mongodi, ke tle ke se ke ka shwela teng.


Ke ha Jeremia a ne a ntse a kena, a etswa hara setjhaba, a eso ho kenngwe teronkong.


o ba arabe, o re: Tjhe, nkile ka bea thapelo ya ka pela morena, hore ke se ke ka busetswa ka tlung ya Jonathane ho shwela teng.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re:


Empa balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.


Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong;


Ba mo kwahela mahlo, ba mo wahlela, ba mmotsa, ba re: Porofeta! ke mang ya o otlileng.


Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?


ba tshwara baapostola, ba ba kenya teronkong ya motse.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ