Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Yena le bana ba hae le bahlanka ba hae ke tla ba otlela bokgopo ba bona. Bona le baahi ba Jerusalema le baahi ba Juda, ke tla ba dihela koduwa eo ke ba boleletseng hore ka tla e dihela hodima bona, hobane ha ba a ka ba mmamela.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:31
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.


Ba ntlhorisang ba ke ba hlabiswe dihlong, empa nna ke se ke ka hlabiswa dihlong, ba ke ba tlakasele, empa nna ke se ke ka tlakasela. Ako ba hlahisetse tsatsi le lebe, o ba hatakele ka ho hatakela habedi.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa motse ona le metse yohle ya mona dikotsi kaofela tseo ke di boletseng bakeng sa yona; hobane ba sataladitse melala ya bona, hore ba tle ba se ke ba utlwa lentswe la ka.


Haele moporofeta, leha e le moprista, leha e le wa setjhaba sa ka ya bolelang, a re: Tshenolo ya Jehova, ke tla kgalemela motho eo, yena le ntlo ya hae.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, ka mokgwa wohle oo Jojakime a neng a entse ka wona.


Hona jwale, ke ya tshollela kgalefo ya ka hodima hao, ke ya phetha bohale ba ka ho wena; ke tla o ahlola ka metsamao ya hao, ke bee manyala wohle a hao ho wena.


Leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, ke tla hloka mohau; ke tla busetsa ho wena ka metsamao ya hao, manyala a hao a tla ba bohareng ba hao, mme le tla tseba hoba ke nna Jehova ya otlang.


Empa ekare ha le sa nkutlwe, le sa phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona,


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ