Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mme bakeng sa Jojakime, morena wa Juda, o bolele, o re: Ho itswe ke Jehova: O tjhesitse maqephe ao a lengolo, wa re: O ngoletseng ho wona taba e reng: Kannete ho tla tla morena wa Babilona, a senye lefatshe lena, a le hlokise motho leha e le kgomo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 O be o bolelle Jehoyakime, kgosi ya Juda, o re: ‘Morena o bua tjena: O ile wa tjhesa buka ena, wa re: Ke ka baka lang ha o ngotse bukeng ee, wa re: Ruri kgosi ya Babilona e tla tla e timetsa naha ena, mme e fedise batho le diphoofolo?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:29
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tshoswa ke tsietsi le ke mahlomola, di mo tshwere jwaloka morena ya itokiseditseng ho futuha.


Hobane o otlolotse letsoho la hae ho lwantsha Modimo, o phephetsa Ya matla wohle;


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Mme ke tla hlahisetsa lefatshe leo mantswe wohle ao ke a boletseng bakeng sa lona, a ngodilweng kaofela bukeng ena, e leng se porofetilweng ke Jeremia hodima ditjhaba tsohle.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Ba porofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, mehleng ya kgale, ba nnile ba porofeta bakeng sa mafatshe a mangata le sa mebuso e meholo hore ntwa le tlala le lefu la sewa di tla ba teng.


moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Empa haeba o tswa ho Modimo, le ke ke la ba la o fedisa; mme le iponele, esere mohlomong la fumanwa le lwantshitse Modimo.


Re rata ho bouledisa Morena na? Hleka re mo fetisa ka matla na?


E mong ha a utlwile dipolelo tsa thohako ya kano ena ya lona, ekare ha a ka ithorisa pelong ya hae, a re: Ke tla ba le kgotso, leha ke tsamaya kamoo pelo ya ka e thata e lakatsang kateng, hore ke timetse se noseditsweng le se omileng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ