Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Eitse hobane Jehudi a bale maqephe a mararo, kapa a mane, morena a a seha ka thipana ya mongodi, a a lahlela mollong mashaleng a leifong, ho fihlela lengolo kaofela le tjheswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 E ne e ye e re ha Jehudi a badile maqephe a mararo kapa a mane, kgosi e a sehe ka thipa, e a lahlele mollong o ntseng o tuka ifo, ho fihlela buka yohle e etjha lore! mollong oo o ntseng o tuka ifo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le re: Ho thwe ke morena: Kenyang monna eo teronkong, le mo fepe bohobe ba matshwenyeho le metsi a matshwenyeho, ke be ke boye ka kgotso.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?


ba hanne keletso ya ka, ba nyedisitse kgalemelo tsohle tsa ka;


Ya nyedisang lentswe o a itahla; empa ya tshabang molao o tla putswa.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Motho ya ntseng a kgalemelwa hangata, mme a itshatalatsa molala, o tla robeha hanghang, ho se le sehlare.


wa re: Na ke ne ke hane tayo jwang? Pelo ya ka e ne e hloetseng kgalemelo na?


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha morena a setse a tjhesitse maqephe a lengolo le nang le mangtswe ao Baruke a neng a a ngodile ka molomo wa Jeremia, le re:


O boele o inkele maqephe a mang, o ngole ho wona mantswe kaofela a pele, a neng a le teng maqepheng a pele a tjhesitsweng ke Jojakime, morena wa Juda.


Mme ekare ha e mong a tlosa ho hong dipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae sefateng sa bophelo le motseng o halalelang tse ngodilweng bukeng ena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ