Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba baholo ba re ho Baruke: Eya, o ipate, wena le Jeremia, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Yaba mahosana a re ho Baruke: “Wena le Jeremia tsamayang le yo ipata, ho se be motho ya tsebang moo le leng teng!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:19
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloha mona, o ye nqa botjhabatsatsi, o ipate molatswaneng wa Kerithe o mabapa le Jordane.


Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona.


Esitile le mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, Obadia o ne a nkile baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano lehaheng le leng, a pata ba mashome a mahlano ba bang lehaheng le leng, a ba fepa bohobe le metsi.


Yaba bohale ba Jehova bo tukela Amatsia, a mo romela moporofeta e mong; eo a tla, a re: O batletseng medimo ya setjhaba seno e sa kang ya tseba ho namolela setjhaba sa yona matsohong a hao?


Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.


Yaba baholo le setjhaba kaofela ba bolella baprista le baporofeta, ba re: Motho enwa ha a lokelwa ke lefu, hobane o buile le rona ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona.


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


Mme Amatsia a re ho Amose: Radipono, tloha, o balehele lefatsheng la Juda; o jele bohobe teng, o porofete teng.


Ka tsatsi lona leo, ha tla bafarisi ba bang ho yena, ba re ho yena: Tloha mona, o ikele, hobane Heroda o rata ho o bolaya.


Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ