Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Baruke a ba araba, a re: O kile a mpolella mantswe ao kaofela ka molomo wa hae, ka a ngola lengolong ka enke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Baruke a araba mahosana, a re: “Jeremia o ile a bua mantswe ana wohle ho nna, yaba nna ke a ngola bukeng ena ka enke.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:18
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, ha morena a setse a tjhesitse maqephe a lengolo le nang le mangtswe ao Baruke a neng a a ngodile ka molomo wa Jeremia, le re:


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ