Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 36:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Baholo bohle ba roma Jehudi, mora Nethania, mora Shelemia, mora Kushi, ho Baruke, ka ho re: O inkele matsohong a hao maqephe ao o badileng ho wona, pontsheng ya setjhaba, mme o tle kwano. Yaba Baruke, mora Neria, o inkela maqephe letsohong la hae, a ya ho bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ka baka leo, mahosana wohle a roma Jehudi, mora wa Netaniya, setloholo sa Shelemiya, setloholwana sa Kushi, ho Baruke, a re: “Nka buka eo o ileng wa e balla setjhaba, o tle le yona kwano.” Yaba Baruke, mora wa Neriya, o nka buka, o ya ho mahosana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 36:14
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balaodi ba makgotla le batho ba bona, ha ba utlwa hore morena wa Babilona o beile Gedalia mmusisi, ba tla ho Gedalia Mitspe; ke Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, mora Karea, le Seraia, mora Thanhumethe wa Nethofa, le Jaasania, mora motho wa Maaka, ba ena le batho ba bona.


O inkele maqephe a lengolo, o ngole ho wona mantswe kaofela ao nkileng ka o bolella wona bakeng sa Iseraele, le bakeng sa Juda, le bakeng sa ditjhaba kaofela, esale mohla ke buang le wena mehleng ya Josiase, ho fihlela tsatsi lena.


Yaba morena o roma Jehudi ho lata maqephe a lengolo, a a nka ka kamoreng ya Elishama mongodi, mme Jehudi a bala ditsebeng tsa morena le ditsebeng tsa baholo ba emeng pela morena.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora Neria, mme Baruke a ngola maqepheng a lengolo, ka molomo wa Jeremia, mantswe kaofela ao Jehova a neng a mmoleletse wona.


ba tla ho Gedalia, Mitspe, e le Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia, mora Thanhumethe, le bara ba Efai, wa Nethofa, le Jesania, mora Momaakate, ba ena le batho ba bona.


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi ba makgotla kaofela ba neng ba le ho yena, ba nka masala wohle a setjhaba ao Ishmaele, mora Nethania, a neng a a tlositse Mitspe, hobane a bolaye Gedalia, mora Akikame, e leng banna ba dinatla tsa ntwa, le basadi le bana, le maqhalaha, ba ba kgutlisa Gibeone;


hobane ba ne ba ba tshaba, hobane Ishmaele, mora Nethania, o ne a bolaile Gedalia, mora Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha.


Ke lena lentswe la Jehova le neng le tlele Sofonia, mora Kushi, mora Gedalia, mora Amaria, mora Esekiase, mehleng ya Josiase, mora Amone, morena wa Juda.


Bonang, ke le roma le le jwaloka dinku hara diphiri; ka baka leo, le be bohlale jwaloka dinoha, mme le be ba se nang mano jwaloka maebanakgorwana.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ