Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eya ho bana ba Rekabe, mme o bue le bona; o ba tlise ka tlung ya Jehova, kamoreng e nngwe, o ba nee veine ho nwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 “Tsamaya o yo bua le morabe wa Barekabe, ebe o ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, o ba kenya ka ho e nngwe ya dikamore, o ba fa veine hore ba e nwe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele dikamore tse kallaneng, tse potang ntlo yohle, a di etsa di ena le bolelele ba ditswe tse hlano; di ne di kopane le ntlo ka difate tsa kedare.


Monyako wa dikamore tse hare o ne o le lehlakoreng le letona la ntlo; ho ne ho nyolohelwa kamoreng tse hare ka methatinyana e matswedintsweke, mme ho ne ho kenwa dikamoreng tse boraro, ha ho tsuwa ho tse hare.


Haele masika a bangodi ba neng ba ahile Jabetse, ke Bathireathe, Bashimeathe, le Basukathe. Ke bona Bakene ba tswileng ho Hamathe hlooho ya ntlo ya Rekabe.


Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


Balevi bao ba bane, e neng e le balebedi ba baholo, ba ne ba le kabelong ya bona kamehla, mme hape, ba ne ba lebela dikamore le matlo a matlotlo a ntlo ya Modimo.


Ke tsona dibini, dihlooho tsa matlo a bontata Balevi, tse neng di ahile dikamoreng, di se na kabelo esele, kahobane di ne di sebetsa mosebetsi wa tsona motshehare le bosiu.


boima ba dipekere ya eba dishekele tse mashome a mahlano tsa kgauta. A maneha le dikamore tse kahodima ka kgauta.


Yaba Esekiase o laela hore ho lokiswe dikamore ka tlung ya Jehova, mme tsa lokiswa,


Fadimehang, le di boloke, ho fihlela mohla le tla lekanya boima ba tsona pontsheng ya dihlooho tsa baprista le Balevi, le dihloho tsa matlo a bontata Iseraele, hae Jerusalema, kamoreng tsa ntlo ya Jehova.


o ne a mo lokiseditse kamore e kgolo hona moo pele ho neng ho bolokwa dinyehelo, le dibano, le mesebetsi, le karolo ya leshome ya dikoro, le ya veine e ntjha, le ya ole, tse neng di laeleditswe Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le kabelo e kgethetsweng baprista.


Yaba ke nka Jaasania, mora Jeremia, mora Habasinia, le banababo, le bara ba hae kaofela le bana kaofela ba Rekabe;


ka ba tlisa ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya bana ba Hanane, mora Jigdalia, monna wa Modimo, mabapa le kamore ya matona, e hodima kamore ya Maaseia, mora Shallume, molebedi wa monyako.


Re entse ka lentswe la Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, ha a itse, re se ke ra nwa veine ka ditshiu tsohle tsa rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona;


Dikamoreng tsa balebedi ho ne ho na le difensetere tse kwetsweng, di eme ditshiyeng tsa tsona kahare, di teetse monyako hare ka nqa tsohle: ho jwalo le marakong. Difensetere tseo di ne di le ka nqa tsohle, ka nqa kahare; mme ditshiya di ne di na le dipalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ