Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ho ke ke ha hlokeha motho wa Jonadabe, mora Rekabe, ya emang pela ka le ka mohla o le mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,’ ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:19
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele masika a bangodi ba neng ba ahile Jabetse, ke Bathireathe, Bashimeathe, le Basukathe. Ke bona Bakene ba tswileng ho Hamathe hlooho ya ntlo ya Rekabe.


Mawatla a ke ke a ema pela sefahleho sa hao. O hloile bohle ba etsang bokgopo;


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ