Jeremia 35:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE17 “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Bonang mona, ke tla dihela morabe wa Juda le baahi bohle ba Jerusalema koduwa eo ke ba boleletseng hore ke tla e dihela hodima bona, hobane ke buile le bona, empa ha ba a ka ba mamela; ke ba bitsitse, empa ha ba a ka ba arabela.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.