Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baporofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa, ke ba roma, ke re: Bakang hle e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le sokolohe diketsong tsa lona, le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa, mme le tla nne le ikahele lefatsheng leo nkileng ka le nea lona le bontata lona moholo; empa ha le a ka la sekeha tsebe, ha le a ka la nkutlwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:15
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa ba le medimo e meng pela sefahleho sa ka.


Empa ha ba ka ba utlwa, ha ba ka ba sekeha ditsebe; ba nnile ba tsamaya e mong le e mong bothateng ba pelo e mpe ya hae; yaba ke moo ke ba hlahiseditseng mantswe wohle a selekane seo ke neng ke ba laetse hore ba se boloke, mme ha ba ka ba se boloka.


Setjhaba sena se kgopo se hanang ho utlwa lentswe la ka, se tsamayang ka ditakatso tsa pelo ya sona, se latelang medimo ya ditjhaba ho e sebeletsa le ho e kgumamela, se tla ba jwaloka senyepa sena se se nang thuso;


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Ha le boloka lentswe lena hantle, ho tla nne ho kene ka menyako ya ntlo ena marena a dutseng teroneng ya Davida, a ntse a kene makoloing, a palamile dipere; ke bolela yena morena le bahlanka ba hae le setjhaba sa hae.


Hojane ebe ba kile ba ema morerong wa ka, ba ka be ba utlwisitse setjhaba sa ka mantswe a ka, ba se sokolla mekgweng ya sona e mebe le bolotsaneng ba diketso tsa bona.


Jehova o nnile a roma ho lona bahlanka ba hae kaofela, baporofeta, a ba roma a ntse a tsoha esale hosasasasa, le mpa le sa ka la mamela, mme le sa ka la sekeha ditsebe tsa lona ho utlwa.


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


le ka ho utlwa mantswe a bahlanka ba ka, baporofeta, bao ke nnileng ka ba romela ho lona, bao ke nnileng ka ba roma ke tsoha e sa le hosasa, le mpa le sa ka la ba utlwa;


ke hobane ha ba ka ba mamela mantswe a ka, ho bolela Jehova, ha ke ne ke ntse ke ba romela bahlanka ba ka, baporofeta, ke ba roma ke tsoha e sa le hosasasasa, empa ha ba ka ba mamela ho bolela Jehova.


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


Ba nneile seholoholo, e seng sefahleho. Nkile ka nna ka ba ruta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa ho ba ruta, ba mpa ba sa ka ba mamela hore ba amohele kgalemelo.


Ho feleng ha dilemo tse supileng, le ke le lesele e mong le e mong ngwanabo wa Moheberu ya ithekisitseng ho lona; a ne a le sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, le ntoo mo lesela a ikele; empa bontata lona ha ba ka ba nkutlwa, ha ba ka ba sekeha tsebe.


Ekaba ba ntlo ya Juda ba tla nahana bobe bohle boo ke hopotseng ho ba etsetsa jona, hore ba bake e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, ke ba leselle bokgopo ba bona le sebe sa bona.


Iseraele, ha o ka sokolohela ho nna, ho bolela Jehova, wa boela ho nna, wa tlosa manyala a hao pela ka, ha o sa tla hlola o phaila.


Jerusalema, o itlhatswe bolotsana ba pelo ya hao, o tle o namolelwe; mehopolo ya bokgopo e tla ikahela ho le hokae kahare ho wena na?


Ya le utlwang, o a nkutlwa; mme ya le lahlang, o a ntahla; mme ya ntahlang, o lahla ya nthomileng.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.


Le se ke la latela medimo esele, medimo ya ditjhaba tse ahileng kamathoko ho lona;


Ka baka leo, ya nyatsang tseo, ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, o kentseng le Moya wa wona o Halaleleng ka ho lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ