Jeremia 35:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Ho ntse ho bolokwa mantswe a Jonadabe, mora Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka wona hore ba se ke ba enwa veine, mme ha ba e nwe le kajeno, hobane ba ntse ba utlwa taelo ya ntata bona moholo. Mme nna nkile ka nna ka bua le lona, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasasasa; le mpa le sa ka le nkutlwa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE14 ‘Ditaelo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ne a laela bara ba hae hore ba se ke ba nwa veine, di phethilwe. Ho fihlela kajeno lena ha ba nwe veine, ba hlompha taelo ya ntata bona moholo. Le hoja nna ke buile le lona ka makgetlokgetlo, ha le a ka la mmamela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ke tlile, ke ne ke se ke ka fumana motho keng? Ha ke bitsitse, ke kang ha ho se motho ya nkarabileng? Na letsoho la ka le lekgutshwanyane ho lopolla na, kapa a ke hloka matla a ho namolela na? Bonang, ke pshesa lewatle, ha ke le kgalemela; ke fetola dinoka naha e tshehla, dihlapi tsa tsona di bole ke ho hloka metsi, di shwe ke lenyora.