Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jeremia 35:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jeremia 35:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Faro-Neko a ntoo bea Eliakime, mora Josiase, morena tulong tsa ntatae Josiase; a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime; mme a ya le Joakase; eo a ya Egepeta, a shwela teng.


Haele Jojakime, a nea Faro silefera le kgauta; a lekanya lefatshe kamoo le tshwanetseng ho ntsha tjhelete kateng, ka taelo ya Faro; a ntshisa setjhaba sa lefatshe silefera le kgauta, e mong le e mong kamoo a lekanyeditsweng kateng, e le hore ho newe Faro-Neko.


La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa setjhaba kaofela sa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, e neng e le sa pele sa Nebukadresare, morena wa Babilona;


Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho nna, la re:


ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;


Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:


Mme bakeng sa Jojakime, morena wa Juda, o bolele, o re: Ho itswe ke Jehova: O tjhesitse maqephe ao a lengolo, wa re: O ngoletseng ho wona taba e reng: Kannete ho tla tla morena wa Babilona, a senye lefatshe lena, a le hlokise motho leha e le kgomo?


Selemong sa bohlano sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ka kgwedi ya boroba mono o le mong, ha bolelwa tsatsi la ho itima dijo pela Jehova, la setjhaba kaofela sa Jerusalema le setjhaba kaofela se tswang metseng ya Juda ho tla Jerusalema.


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime, morena wa Juda, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, mme a o thibella ka ntwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ